14 Le itse, ‘Ka lebaka lefe?’+ Ka lebaka lena, hore Jehova o fane ka bopaki pakeng tsa hao le mosali oa bocha ba hao,+ eo u sebetsaneng le eena ka bolotsana, le hoja e le molekane oa hao le mosali oa selekane sa hao.+
32 Leha ho le joalo, ke re ho lōna e mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola,+ o mo pepesetsa bofebe,+ ’me mang kapa mang ea nyalang mosali ea hlaliloeng oa feba.+
3 Kahoo, joale, ha monna oa hae a sa ntse a phela, o ne a tla bitsoa mosali oa mofebi haeba e ne e ka ba oa monna+ e mong. Empa haeba monna oa hae a shoa, o lokolohile molaong oa hae, e leng hore hase mosali oa mofebi haeba e e-ba oa monna e mong.+