26 Empa a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le le boi, lōna ba nang le tumelo e nyenyane?”+ Joale, ha a ema, a khalemela meea le leoatle ka matla, ’me khutso e khōlō ea e-ba teng.+
24 Qetellong ba ea ho eena ’me ba mo tsosa, ba re: “Morupeli, Morupeli, re makhatheng a ho timela!”+ Ha a tsoha, a khalemela+ ka matla moea le metsi a loebehlanang, ’me tsa kokobela, ’me khutso ea e-ba teng.