27 Etsoe Mor’a motho o reretsoe hore a tle ka khanya ea Ntat’ae a e-na le mangeloi a hae, ’me joale o tla buseletsa e mong le e mong ho ea ka boitšoaro+ ba hae.
26 Etsoe mang kapa mang ea hlajoang ke lihlong ka lebaka la ka le la mantsoe a ka, Mor’a motho o tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la hae ha a fihla ka khanya ea hae le ea Ntate le ea mangeloi a halalelang.+
16 Etsoe ha ke lihlong+ ka litaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Molimo+ a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo,+ ho Mojuda pele+ le ho Mogerike;+
8 Ka hona u se ke ua hlajoa ke lihlong ka bopaki bo mabapi le Morena oa rōna,+ leha e le ka ’na motšoaruoa ka lebaka+ la hae, empa u be le karolo ho utloisoeng bohloko+ ke bobe bakeng sa litaba tse molemo ho ea ka matla a Molimo.+