Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 20:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ba tsoha hoseng haholo ’me ba tsoela lefeelleng+ la Tekooa.+ Ha ba tsoa, Josafate a ema ’me a re: “Nkutloeng, Lōna Bajuda le lōna baahi ba Jerusalema!+ Behang tumelo+ ho Jehova Molimo oa lōna e le hore le ka hlola halelele. Behang tumelo ho baprofeta+ ba hae kahoo le atlehe.”

  • Matheu 17:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 A re ho bona: “Ka lebaka la tumelo ea lōna e nyenyane. Etsoe kannete ke re ho lōna, Haeba le e-na le tumelo e boholo ba thollo ea mosetareta, le tla re ho thaba ena, ‘Tloha mona u ee mane,’ ’me e tla tloha, ’me ha ho letho leo le ke keng la khona ho le etsa.”+

  • Mareka 11:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Kannete ke re ho lōna mang kapa mang ea bolellang thaba ena, ‘Phahama ’me u lahleloe ka leoatleng,’ ’me a sa belaele ka pelong ea hae empa a e-na le tumelo hore seo a se bolelang se tla etsahala, ho tla ba joalo ho eena.+

  • Luka 17:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Joale Morena a re: “Haeba le ne le e-na le tumelo e boholo ba thollo ea mosetareta, le ne le tla re ho sefate sena sa monokotšoai o motšo, ‘Fothoha ’me u lengoe ka leoatleng!’ ’me se ne se tla le mamela.+

  • Johanne 11:40
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 40 Jesu a re ho eena: “Na ha kea u bolella hore haeba u ne u ka lumela u ne u tla bona khanya ea Molimo?”+

  • Liketso 14:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Monna enoa o ne a mametse Pauluse ha a bua, eo, ha a mo talima ka hloko ’me a bona hore o ne a e-na le tumelo+ ea hore a ka folisoa,

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela