18 Eaba baprista ba ka sehloohong le bangoli ba utloa ka hona, ’me ba qala ho batla kamoo ba ka mo timetsang kateng;+ etsoe ba ne ba mo tšaba, kaha bongata bohle bo ne bo hlolloa ka ho tsoelang pele ke thuto ea hae.+
19 Joale bangoli le baprista ba ka sehloohong ba batla ho mo isa matsoho ka eona hora eo, empa ba tšaba batho; kaha ba ile ba lemoha hore o ne a bolela papiso ena a hopotse bona.+