14 Na ho na le ntho e sa tloaelehang bakeng sa Jehova?+ Ke tla khutlela ho uena ka nako e behiloeng, selemong se tlang ka nako ena, ’me Sara o tla ba le mora.”
17 “Oho, ’Musi Morena Jehova!+ Bona! u entse maholimo le lefatše ka matla a hao a maholo+ le ka letsoho+ la hao le otlolohileng. Taba ena eohle hase e hlollang haholo bakeng sa hao,+
6 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Le hoja ho ka bonahala ho le thata haholo mahlong a ba setseng ba sechaba sena matsatsing ao, na ho ka bonahala ho le thata haholo le mahlong a ka?’+ ho bolela Jehova oa mabotho.”
36 Eaba o tsoela pele ho re: “Abba, Ntate,+ lintho tsohle lia khoneha ho uena; tlosa senoelo sena ho ’na. Empa leha ho le joalo ho se ke ha etsoa seo ke se batlang, empa ho etsoe seo u se batlang.”+