10 Letsatsing+ leo ho tla ba le motso oa Jese+ o tla ema e le pontšo bakeng sa lichaba.+ Lichaba li tla retelehela ho oona ka morero oa ho botsa,+ ’me sebaka sa oona sa phomolo e tla ba se khanyang.+
6 “’Na, Jehova, ke u bitsitse ka ho loka,+ eaba ke u tšoara ka letsoho.+ Ke tla u sireletsa ’me ke nehelane ka uena joaloka selekane sa batho,+ joaloka leseli la lichaba,+
6 Eaba o re: “Ha ea ba taba e sa reng letho hore u be mohlanka oa ka bakeng sa ho hlahisa meloko ea Jakobo le ho khutlisa ba sirelelitsoeng ba Iseraele;+ ke boetse ke fane ka uena hore u be leseli la lichaba,+ e le hore poloko ea ka e ka ba teng ho isa pheletsong ea lefatše.”+
23 hore Kreste o ne a tla utloa bohloko+ ’me, e le oa pele ea tlang ho tsosoa bafung,+ o ne a tla phatlalatsa leseli+ ho batho bana hammoho le ho lichaba.”+