Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 53:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Empa o ne a hlajoa+ ka lebaka la litlōlo tsa rōna;+ o ne a hatelloa ka lebaka la liphoso tsa rōna.+ Chapo e reretsoeng hore re be le khotso e bile holim ’a hae,+ ’me re fumane pholiso+ ka lebaka la maqeba a hae.+

  • Zakaria 12:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Ke tla tšollela moea oa kamohelo+ le likōpo tse tiileng+ holim ’a ntlo ea Davida le holim ’a baahi ba Jerusalema, ’me ka sebele ba tla talima Eo ba mo hlabileng,+ ’me ka sebele ba tla Mo bokollela joalokaha ho bokolleloa mora ea mong; ho tla ba le sello se bohloko ka lebaka la hae joalokaha ho e-ba le sello se bohloko ka lebaka la mora oa letsibolo.+

  • Matheu 27:49
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 49 Empa ba bang kaofela ho bona ba re: “Mo tlohele! A re boneng hore na Elia o tla tla a mo pholosa.”+ [[Monna e mong a nka lerumo ’me a mo hlaba lehlakoreng, ’me ha tsoa mali le metsi.]]+

  • Johanne 20:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Ka lebaka leo barutuoa ba bang ba ne ba re ho eena: “Re bone Morena!” Empa a re ho bona: “Ntle le hore ke bone masoba a lipekere matsohong a hae ’me ke kenye monoana masobeng a lipekere le ho kenya letsoho lehlakoreng+ la hae, ka sebele nke ke ka lumela.”+

  • Tšenolo 1:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Bonang! O tla ka maru,+ ’me leihlo le leng le le leng le tla mo bona,+ le ba mo hlabileng;+ ’me meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka ho sareloa ka lebaka la hae.+ E, Amen.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela