10 Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda,+ leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla;+ ’me lichaba li tla mo mamela.+
44 Joale a re ho bona: “Ana ke mantsoe a ka ao ke ileng ka le bolella ’ona ha ke sa ntse ke e-na le lōna,+ hore lintho tsohle tse ngotsoeng molaong oa Moshe le Baprofeteng+ le Lipesalemeng+ mabapi le ’na li tla phethahala.”
45 Filipi a fumana Nathanaele+ ’me a re ho eena: “Re fumane eo Moshe, Molaong,+ le Baprofeta+ ba ileng ba ngola ka eena, Jesu, mora oa Josefa,+ ea tsoang Nazaretha.”
22 Leha ho le joalo, kahobane ke fumane thuso+ e tsoang ho Molimo ke tsoela pele ho fihlela letsatsing lena ho pakela ba banyenyane hammoho le ba baholo, empa ke sa bolele letho haese lintho tseo Baprofeta+ hammoho le Moshe+ ba ileng ba bolela hore li ne li tla etsahala,