35 Ha lengeloi le araba la re ho eena: “Moea o halalelang+ o tla theohela holim ’a hao, ’me matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo le se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang,+ Mor’a Molimo.+
18 Ka sebele, ka lebaka lena, Bajuda ba qala ho batla ka ho eketsehileng ho mo bolaea,+ hobane o ne a sa tlōle Sabatha feela empa hape o ne a re Molimo ke Ntat’ae,+ a iketsa ea lekanang+ le Molimo.