Matheu 11:27 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 27 Ke nehiloe lintho tsohle ke Ntate,+ ’me ha ho ea tsebang Mora ka botlalo haese Ntate,+ leha e le hore mang kapa mang o tseba Ntate ka botlalo haese Mora le mang kapa mang eo Mora a ratang ho mo senolela eena.+ Johanne 3:35 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 35 Ntate o rata+ Mora ’me o fane ka lintho tsohle letsohong+ la hae. Johanne 17:10 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 10 ’me lintho tsohle tsa ka ke tsa hao ’me tsa hao ke tsa ka,+ ’me ke tlotlisitsoe har’a bona.
27 Ke nehiloe lintho tsohle ke Ntate,+ ’me ha ho ea tsebang Mora ka botlalo haese Ntate,+ leha e le hore mang kapa mang o tseba Ntate ka botlalo haese Mora le mang kapa mang eo Mora a ratang ho mo senolela eena.+