Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 12:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ke ’na enoa. Arabang khahlanong le ’na ka pel’a Jehova le ka pel’a motlotsuoa+ oa hae: Ke poho ea mang eo ke e nkileng kapa ke esele ea mang eo ke e nkileng+ kapa ke mang eo ke mo etselitseng bolotsana kapa ke mang eo ke mo hateletseng kapa ke letsohong la mang moo ke amohetseng tjotjo e le hore nka ipata mahlo ka eona?+ ’Me ke tla le buseletsa.”+

  • Matheu 10:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Phekolang batho ba kulang,+ le tsose batho ba shoeleng, le hloekise balepera, le leleke bademona. Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.+

  • 1 Bakorinthe 9:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Haeba banna ba bang ba ba le kabelo matleng ana holim ’a lōna,+ na rōna ha re be le kabelo ho ’ona haholo? Leha ho le joalo, ha rea sebelisa matla ana,+ empa re jara lintho tsohle, e le hore re se ke ra fana ka tšitiso leha e le efe litabeng tse molemo+ tse mabapi le Kreste.

  • 2 Bakorinthe 7:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Re buleleng sebaka.+ Ha ho eo re mo foselitseng, ha ho eo re mo bolisitseng, ha ho eo re ithuisitseng molemo ka eena.+

  • Tite 1:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Etsoe molebeli o lokela hore a se ke a ba le seo a qosoang+ ka sona joaloka motsamaisi+ oa tsa Molimo, e se ke ea e-ba ea ngangellang thato ea hae,+ e se ke ea e-ba ea ratang ho halefa,+ e se ke ea e-ba ea likomang tsa botahoa,+ e se ke ea e-ba ea otlang,+ e se ke ea e-ba ea meharo ea leruo la ho se tšepahale,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela