11 Leha ho le joalo ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona.+ Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke,+ empa le halalelitsoe,+ empa ho boletsoe hore le lokile+ ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste+ le ka moea oa Molimo+ oa rōna.
3 E, ka nako e ’ngoe kaofela re ile ra itšoara tumellanong le litakatso tsa nama+ ea rōna har’a bona, re etsa lintho tse ratoang ke nama+ le ke menahano, ’me ka tlhaho re ne re le bana ba khalefo+ esita le joaloka ba bang kaofela.
3 Etsoe le rōna re kile ra ba ba se nang kelello, ba sa mameleng, re khelosoa, re le makhoba a litakatso tse sa tšoaneng le menyaka e sa tšoaneng, re tsoela pele ka bobe le mohono, re nyonyeha, re hloeane.+