28 Ka hona Jesu a hoeletsa ha a ntse a ruta ka tempeleng ’me a re: “Lea ntseba ’me le tseba le hore na ke tsoa hokae.+ Hape, ha kea tla e le ho itsoelang ho ’na,+ empa ea nthomileng ke oa sebele,+ ’me ha le mo tsebe.+
14 Leha ho le joalo, ba tla ipiletsa joang ho eo ba sa behang tumelo+ ho eena? Hape, ba tla beha tumelo joang ho eo ba e-s’o utloele ka eena? Hape, ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang?+
24 Etsoe Kreste ha aa ka a kena sebakeng se halalelang se entsoeng ka matsoho,+ seo e leng setšoantšo sa ntho ea sebele,+ empa o kene leholimong,+ joale ho hlaha ka pel’a Molimo bakeng sa rōna.+