25 Molimo o ile a mo beha hore e be nyehelo bakeng sa poelano+ ka tumelo maling a hae.+ Hona e ne e le hore a bonahatse ho loka ha hae, hobane a ne a tšoarela libe+ tse etsahetseng nakong e fetileng ha Molimo a ne a bontša mamello;+
17 Ka lebaka leo o ile a tlameha ho ba joaloka “barab’abo” ka litsela+ tsohle, e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang linthong tse amanang le Molimo,+ e le hore a nyehele sehlabelo sa poelano+ bakeng sa libe tsa batho.+
10 Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo+ sa poelano+ bakeng sa libe tsa rōna.+