Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Luka 11:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ea seng ka lehlakoreng la ka o khahlanong le ’na, ’me ea sa bokelleng le ’na oa hasanya.+

  • Baroma 16:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Joale kea le eletsa, barab’eso, hore le ’ne le behe leihlo ho ba bakang likarohano+ le maemo a bakang ho khoptjoa khahlanong le thuto+ eo le ithutileng eona, ’me le ba qobe.+

  • 1 Bakorinthe 1:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Joale kea le eletsa,+ barab’eso, ka lebitso+ la Morena oa rōna Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano,+ le hore ho se ke ha e-ba le likarohano+ har’a lōna, empa hore le kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.+

  • Jakobo 3:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Etsoe moo poulelo+ le ho rata likhang li leng teng, ke moo ho hloka taolo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe li leng teng.+

  • 3 Johanne 10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ke ka lebaka leo, haeba ke tla, ke tlang ho hopola mesebetsi ea hae eo a tsoelang pele ho e etsa,+ a bebera ka rōna ka mantsoe a khopo.+ Hape, a sa khotsofale ke lintho tsena, ha a amohele barab’abo rōna+ ka tlhompho, le ba batlang ho ba amohela+ o leka ho ba sitisa+ ’me o ba ntša+ ka phuthehong.

  • Tšenolo 2:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Kahoo le uena, u na le ba tšoereng ka tieo thuto ea sehlopha sa bokhelohi sa Nikolase+ ka ho tšoanang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela