19 Letsatsi ha e sa tla hlola e e-ba leseli la hao motšehare, ’me bakeng sa khanya khoeli ha e sa tla hlola e u fa leseli. Ho uena Jehova o tla fetoha leseli le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang,+ ’me Molimo oa hao e be botle ba hao.+
5 Hape, bosiu ha bo sa tla hlola bo e-ba teng,+ ’me ha ba hloke leseli la lebone leha e le hore ba na le khanya ea letsatsi, hobane Jehova Molimo o tla ba khantšetša leseli,+ ’me ba tla busa e le marena ka ho sa feleng le kamehla.+