Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 32:43
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 43 Thabang, lōna lichaba, hammoho le batho ba hae,+

      Etsoe o tla pheteletsa mali a bahlanka ba hae,+

      ’Me o tla iphetetsa ho bahanyetsi ba hae+

      ’Me ruri o tla koahela libe tsa lefatše la batho ba hae.”

  • Baroma 12:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Le se ke la iphetetsa,+ baratuoa, empa le fe khalefo+ sebaka; kaha ho ngoliloe: “Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.”+

  • Tšenolo 6:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ba hoeletsa ka lentsoe le phahameng, ba re: “’Musi Morena+ ea halalelang le oa ’nete,+ u tla ithiba ho fihlela neng ho ahlola+ le ho pheteletsa mali+ a rōna holim ’a ba lulang lefatšeng?”

  • Tšenolo 19:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 hobane likahlolo tsa hae ke ’nete ’me li lokile.+ Etsoe o phethahalitse kahlolo ea seotsoa se seholo se ileng sa bolisa lefatše ka bohlola ba sona, ’me o phetelelitse mali a makhoba a hae letsohong la sona.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela