Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 102:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 U ile oa etsa metheo ea lefatše khale,

      Oa etsa le maholimo ka matsoho a hao.+

  • Esaia 42:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Ana ke mantsoe a Molimo oa ’nete, Jehova,

      ’Mopi oa maholimo. Ke eena E Moholo ea a otlolotseng,+

      Ea alileng lefatše le ea bopileng lintho tsohle tse ho lona,+

      Ea fang baahi ba lona moea o ba phelisang+

      Le bophelo ho ba phelang ho lona:+

  • Esaia 45:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ana ke mantsoe a Jehova,

      ’Mopi oa maholimo,+ Molimo oa ’nete,

      Ea entseng lefatše, Moetsi oa lona ea le tiisitseng ka thata,+

      Ea sa kang a le bopela lefeela* empa a le etselitse hore batho ba lule ho lona:+

      “Ke ’na Jehova ’me ha ho e mong.

  • Baroma 1:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Le hoja Molimo a ke ke a bonoa, makhabane a hae a bonoa ka ho hlaka linthong tseo a li bopileng lefatšeng hobane batho ba ka a bona ha ba li sheba.+ Lintho tseo a li bopileng ke bopaki ba matla a hae a sa feleng+ le hore ke Molimo.+ Batho ba hanang bopaki boo ha ba na mabaka a ho ikemela.

  • Baheberu 1:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Hape o re: “Morena, qalong u ile oa etsa metheo ea lefatše, oa etsa maholimo ka matsoho a hao.

  • Tšenolo 4:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 “Jehova* Molimo oa rona,+ u tšoaneloa ke ho ba matla, ho rorisoa+ le ho hlomphuoa+ hobane u bopile lintho tsohle+ ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa boptjoa.”

  • Tšenolo 10:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 La ikana ka ea phelang ka ho sa feleng,+ ea bopileng leholimo, lefatše, leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.+ La re: “Molimo a ke ke a hlola a lieha.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela