Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 28:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Bana* ba hao ba tla ba joaloka lerole la lefatše,+ ba be bangata ho ea fihla ka bophirimela, ka bochabela, ka leboea le ka boroa ’me malapa ’ohle a lefatše a tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la hao le bana* ba hao.+

  • Genese 46:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Bosiu Molimo a bua le Iseraele ponong a re: “Jakobo, Jakobo!” Iseraele a re: “Ke ’na enoa!” 3 Molimo a re: “Ke ’na Molimo oa ’nete, Molimo oa ntate oa hao.+ U se ke oa tšaba ho ea Egepeta hobane ke tla u etsa sechaba se seholo moo.+

  • Exoda 1:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Baiseraele* ba eketseha ’me ba e-ba bangata, ba ’na ba ata ’me ba e-ba matla ka tsela e sa tloaelehang, hoo ba ileng ba tlala naha eo.+

  • Exoda 32:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Hopola bahlanka ba hao e leng Abrahama, Isaka le Iseraele, bao u ba hlapanyelitseng ka uena oa re: ‘Ke tla etsa hore bana* ba lona ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo+ ’me ke tla fa bana* ba lona naha ena eohle e le hore ba e nke ’me e be ea bona kamehla eohle.’”+

  • Liketso 7:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ha nako e atamela ea hore tšepiso eo Molimo a e boleletseng Abrahama e phethahale, Baiseraele ba eketseha Egepeta.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela