21 Jehova a re ho Moshe: “Ha u se u khutletse Egepeta, u etse mehlolo eohle eo ke u fileng matla a ho e etsa ka pel’a Faro.+ Empa ke tla mo tlohela* hore a be manganga+ ’me a ke ke a tlohela sechaba hore se tsamaee.+
15 Hona joale nka be ke ile ka phahamisa letsoho la ka hore ke otle uena le batho ba hao ka boloetse bo bolaeang ’me u ka be u felisitsoe lefatšeng. 16 Empa ke u bolokile u phela ka lebaka lena: hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.+