-
Exoda 10:8-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Moshe le Arone ba khutlisetsoa ho Faro ’me a re ho bona: “Tsamaeang le e’o sebeletsa Jehova Molimo oa lona. Empa ha e le hantle ke bo-mang ba tla tsamaea?” 9 Moshe a re: “Re tla tsamaea le bacha ba rona, maqheku a rona, bara ba rona, barali ba rona, linku tsa rona le likhomo tsa rona+ hobane re e’o etsetsa Jehova mokete.”+ 10 A re ho bona: “Haeba nka tlohela lona le bana ba lona hore le tsamaee, Jehova o tla be a e-na le lona.+ Ho hlakile hore le rera ho etsa se sebe. 11 Le ke ke la tsamaea kaofela. Ke banna feela ba tla tsamaea ho ea sebeletsa Jehova kaha ke eona ntho eo le e kopileng.” Ba lelekoa ka pel’a Faro.
-