-
Genese 39:7-9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Mosali oa mong’a hae a khahloa ke eena ’me a re: “Robala le ’na.” 8 Empa a hana ’me a re ho mosali oa mong’a hae: “Mong’a ka ha a tšoenyehe ka letho ha ke le teng ka tlung ’me o mpehile hore ke hlokomele lintho tsohle tseo a nang le tsona. 9 Ha ho e moholo ho mpheta* ka tlung ena ’me ha aa nkhanela ka letho haese ka uena hobane u mosali oa hae. Nka etsa bobe boo bo boholo joang ’me ka fosetsa Molimo?”+
-