Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 24:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 U nke phofo e sitsoeng hantle ’me u etse mahobe a 12 a selika-likoe a lesoba hare. Bohobe bo bong le bo bong bo etsoe ka phofo ea lik’hilokramo tse peli.* 6 U a behe ka lihlopha tse peli, sehlopheng ka seng+ e be a tšeletseng, u a behe holim’a tafole ea khauta e hloekileng ka pel’a Jehova.+

  • 1 Samuele 21:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Kahoo, moprista a mo fa bohobe bo halalelang+ hobane ho ne ho se na bohobe bo bong ntle le bohobe ba pontšo, bo neng bo tlositsoe ka tabernakeleng ea Jehova mohla ho neng ho behoa bo bocha.

  • 1 Likronike 9:32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Ba bang ba bana ba bo bona ba Bakohathe ba ne ba ikarabella ka bohobe,*+ hore ba bo lokise ka sabatha e ’ngoe le e ’ngoe.+

  • 2 Likronike 13:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Hoseng ho hong le ho hong le mantsiboea a mang le a mang ba etsetsa Jehova mosi oa linyehelo tsa secheso+ le libano tse nkhang hamonate+ ’me ba lokisa bohobe+ bo holim’a tafole ea khauta e hloekileng. Mantsiboea a mang le a mang ba khantša mabone+ a seluloana sa khauta+ hobane re phetha boikarabelo boo Jehova Molimo oa rona a re fileng bona empa lona le mo lahlile.

  • Matheu 12:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Hore o ile a kena ka tlung ea Molimo eaba ba ja bohobe bo halalelang*+ boo eena le banna ba neng ba e-na le eena ba neng ba sa lumelloa ho bo ja, bo jeoang ke baprista feela?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela