Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 36:8-13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Basebetsi bohle ba tsebang mosebetsi oa matsoho+ ba etsa tabernakele+ ka masela a tente a leshome a line ea boleng bo botle e lohiloeng le ka khoele e putsoa, ulu e pherese le lesela le lefubelu ’me a* rokella mokhabiso oa likerubime ho ’ona.+ 9 Lesela ka leng la tente le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang 12* ’me le le bophara ba limithara tse ka bang peli.* Masela ’ohle a tente a ne a lekana. 10 A kopanya masela a mahlano a tente hore e be lesela le le leng le leholo. A boela a kopanya masela a mang a mahlano a tente hore e be lesela le leng hape le leholo. 11 Ka mor’a moo a etsa likhoketsane* ka khoele e putsoa qetellong ea lesela ka leng le leholo moo masela ana a mabeli a tla kopanngoa teng. 12 A etsa likhoketsane tse 50 leseleng le leng le leholo la tente ’me a etsa likhoketsane tse 50 qetellong ea lesela le leng hape le leholo la tente e le hore likhoketsane li shebane moo li tl’o kopanngoa teng. 13 Qetellong, a etsa lihakisi tse 50 tsa khauta ’me a kopanya masela a tente ka tsona hore e be lesela le le leng la tabernakele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela