Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 40:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 A kenya Areka ka har’a tabernakele ’me a haka kharetene+ ea sehalalelo ho pata areka ea Bopaki+ feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.

  • Levitike 16:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Jehova a re ho Moshe: “Bolella abuti oa hao Arone hore a se ke a tla sebakeng se halalelang+ ka har’a kharetene+ ka pel’a sekoahelo se Arekeng neng kapa neng ha a batla e le hore a se ke a shoa+ hobane ke tla hlaha holim’a sekoahelo+ ka leru.+

  • 1 Marena 8:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Baprista ba beha areka ea selekane sa Jehova kamoreng e ka hare-hare ea ntlo+ e leng ka Sehalalelisisong. E ne e lula moo tlas’a mapheo a likerubime.+

  • Baheberu 9:2-4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ho ile ha hahoa kamore ea pele ea tente, eo ka ho eona ho neng ho e-na le seluloana sa lebone,+ tafole le bohobe.*+ Kamore eo e ne e bitsoa Sehalalelo.+ 3 Ka mor’a kharetene ea bobeli+ ho ne ho e-na le kamore e bitsoang Sehalalelisiso.+ 4 Ka kamoreng eo, ho ne ho e-na le pitsa ea khauta ea ho chesetsa libano+ le areka ea selekane+ e entsoeng ka khauta.+ Ka har’a areka eo, ho ne ho e-na le nkho ea khauta e tšetseng manna,+ molamu oa Arone o neng o metse lipalesa+ le matlapa+ a selekane.

  • Baheberu 9:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 O kene sehalalelisisong ka mali a hae eseng a lipoli kapa a lipohoana.+ O kene moo hanngoe ebile e le la ho qetela ’me a re pholosa ka ho sa feleng.+

  • Baheberu 9:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Kreste ha aa ka a kena ka sehalalelisisong se entsoeng ke batho,+ seo e leng setšoantšo feela sa sehalalelisiso sa ’nete.+ O kene leholimong la sebele,+ moo a hlahang ka pel’a Molimo bakeng sa rona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela