21 Lethathamo le latelang* ke leo Moshe a ileng a laela hore le etsoe. Ke la lintho tse sebelisitsoeng ho haha tabernakele, e leng tabernakele ea Bopaki.+ E ne e le boikarabelo ba Balevi+ ho le etsa, ba tataisoa ke Ithamare+ mora oa moprista Arone.
2 Leha ho le joalo, Nadabe le Abihu ba ile ba shoa pele ho ntate oa bona+ ’me ba ne ba se na bara. Empa Eleazare+ le Ithamare ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa e le baprista.