6 Ho feta moo, ke khethile Oholiabe+ mora oa Ahisamake oa leloko la Dane hore a mo thuse. Ke tla etsa hore bohle ba nang le tsebo ea mosebetsi oa matsoho ba be bohlale* e le hore ba ka etsa lintho tsohle tseo ke u laetseng tsona:+
36Bezaliele o tla sebetsa le Oholiabe le banna bohle ba tsebang mosebetsi oa matsoho,* bao Jehova a ba fileng bohlale le kutloisiso e le hore ba tsebe ho etsa mosebetsi oohle oa tšebeletso e halalelang feela joalokaha Jehova a laetse.”+