Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 39:30, 31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Qetellong ba etsa lesenke le benyang la khauta le halalelang.* Ba le etsa ka khauta e hloekileng ’me holim’a lona ba ngola mantsoe a ngotsoeng ka mongolo o fatiloeng o kang oa letšoao la tiiso, a reng: “Khalalelo ke ea Jehova.”+ 31 Ba le kenya thapo e entsoeng ka khoele e putsoa e le hore ba le behe holim’a tuku feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

  • Levitike 8:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 A mo roesa tuku+ ’me karolong e ka pele ea tuku a beha lesenke le benyang la khauta e le pontšo e halalelang ea boinehelo*+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

  • 1 Likronike 16:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tšoaneloa ke thoriso.+

      Tlisang mpho ’me le kene ka pel’a hae.+

      Inamelang* Jehova le apere liaparo tse halalelang.*+

  • Pesaleme 93:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Melao* ea hao e tšepahala haholo.+

      Jehova, ntlo ea hao e ntle ebile ea halalela+ ka linako tsohle.

  • 1 Petrose 1:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Mangolo a re: “Le halalele hobane kea halalela.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela