-
Exoda 37:25-28Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 A etsa aletare ea libano+ ka sefate sa leoka. E ne e e-na le mahlakore a mane a lekanang, e le bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 45* le bophara ba lisenthimithara tse ka bang 45 ’me bophahamo ba eona e ne e ka ba mithara.* Manaka a eona e ne e le ntho e le ’ngoe le eona.+ 26 A koahela karolo e ka holimo ea eona le mahlakore ’ohle a eona le manaka a eona ka khauta e hloekileng ’me a etsa mokhabiso oa khauta ho e potoloha. 27 A e etsetsa lireng tse peli tsa khauta tlas’a mokhabiso oo oa eona mahlakoreng a eona a mabeli a shebaneng hore li kenye lipalo tseo e tla jaroa ka tsona. 28 Ka mor’a moo, a etsa lipalo ka sefate sa leoka ’me a li koahela ka khauta.
-