2 Sechaba sa qabana le Moshe+ ’me sa re: “Re fe metsi re noe.” Empa Moshe a re ho sona: “Ke hobane’ng ha le qabana le ’na? Ke hobane’ng ha le ntse le leka Jehova?”+
7 Le se ke la lebala kamoo le halefisitseng Jehova Molimo oa lona kateng lefeelleng.+ Le fetohetse Jehova+ ho tloha letsatsing leo ka lona le tsoileng naheng ea Egepeta ho fihlela le fihla sebakeng sena.
27 Ke tseba hantle borabele ba lona+ le kamoo le leng manganga* kateng.+ Haeba le fetohetse Jehova ke ntse ke phela, le tla mo fetohela le ho feta ka mor’a lefu la ka.