-
Deuteronoma 13:6-9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Haeba ngoan’eno, mora oa ’mè oa hao, mora oa hao, morali oa hao, mosali oa hao ea ratehang kapa motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a leka ho u hohela sephiring a re, ‘A re ee ’me re sebeletse melimo e meng,’+ melimo eo uena kapa baholo-holo ba hao le sa kang la e tseba, 7 melimo ea lichaba tse le potolohileng ebang ke tse haufi kapa tse hole le lona, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea naha ho ea pheletsong e ’ngoe ea naha, 8 u se ke oa lumellana le eena kapa oa mo mamela+ kapa oa mo utloela bohloko kapa oa mo qenehela kapa oa mo sireletsa. 9 Ho e-na le hoo, ka sebele u lokela ho mo bolaea.+ E be uena oa pele ea mo tlepetsang ka majoe e le hore a shoe ebe ka mor’a moo sechaba sohle se mo tlepetsa ka majoe.+
-