Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 18:25, 26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Moshe a khetha banna ba nang le bokhoni har’a Baiseraele bohle ’me a ba beha hore e be lihlooho tsa sechaba, e be balaoli ba ba likete, balaoli ba ba makholo, balaoli ba ba mashome a mahlano le balaoli ba ba mashome. 26 Ba ne ba ahlola sechaba ha ho e-ba le linyeoe. Tse boima ba ne ba li tlisa ho Moshe+ empa linyeoe tse nyenyane ba ne ba li ahlola.

  • Numere 27:1-5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ka mor’a moo, barali ba Zelofehade+ mora oa Hefere mora oa Gileade mora oa Makire mora oa Manase, ba tla ho Moshe. Mabitso a bona e ne e le Mahela, Noe, Hogla, Milka le Tirza ’me e le ba leloko la Manase, mora oa Josefa. 2 Ba ema ka pel’a Moshe, moprista Eleazare, likhosana+ le ka pel’a sechaba sohle monyako oa tente ea pokano ’me ba re: 3 “Ntate o shoeletse lefeelleng empa o ne a se har’a sehlopha se neng se ikopantse hammoho hore se be khahlanong le Jehova e leng batšehetsi ba Kora.+ O shoele ka lebaka la sebe sa hae ’me o ne a se na bara. 4 Na lebitso la ntate oa rona le lokela ho tlosoa lelapeng la hae hobane feela a ne a se na mora? Re kopa u re fe lefa har’a bana ba bo ntate oa rona.” 5 Kahoo, Moshe a hlahisa taba ea bona ka pel’a Jehova.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela