Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 33:22, 23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Ha khanya ea ka e feta, ke tla u kenya ka lepatsong la lefika ’me ke tla u sireletsa ka letsoho la ka ho fihlela ke fetile. 23 Ka mor’a moo, ke tla tlosa letsoho la ka ’me u tla bona mokokotlo oa ka. Empa sefahleho sa ka se ke ke sa bonoa.”+

  • Numere 12:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ke bua le eena joalokaha motho a bua le motho e mong,*+ ka tsela e hlakileng, eseng ka lilotho ’me o bona ponahalo ea Jehova. Joale ke hobane’ng ha le sa ka la tšaba ho bua mohlanka oa ka Moshe hampe?”

  • Deuteronoma 34:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Empa ha ho e-s’o ka ho e-ba le moprofeta ea kang Moshe Iseraele,+ eo Jehova a neng a mo tseba hantle.*+

  • Johanne 1:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ha ho motho ea kileng a bona Molimo.+ Ke mora ea mong ea tšoanang le Molimo*+ ea bileng a leng haufi le Ntate*+ ea hlalositseng hore na Molimo ke mang.+

  • Johanne 6:46
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 46 Ha ho motho ea boneng Ntate+ haese ea tsoang ho eena.* Enoa ke eena ea boneng Ntate.+

  • Liketso 7:38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 Ke eena ea neng a e-na le phutheho lefeelleng ha lengeloi+ le bua le eena+ hammoho le baholo-holo ba rona Thabeng ea Sinai. O ile a fuoa liphatlalatso tse halalelang le tse tšoarellang e le hore a re bolelle tsona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela