Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 7:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Kaha ba tla khelosa bana ba lona hore ba se ke ba ntatela ’me ba sebeletse melimo e meng,+ Jehova o tla le halefela haholo ’me o tla le felisa ka potlako.+

  • Deuteronoma 31:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Jehova a re ho Moshe: “U haufi le ho shoa.* Sechaba sena se ke ke sa ntšepahalla ebile se tla rapela melimo ea naha eo se eang ho eona.+ Se tla mphuralla+ ’me se tlole selekane sa ka seo ke se entseng le sona.+

  • Baahloli 2:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Empa ha baa ka ba mamela le baahloli bao ’me ba ne ba rapela* melimo e meng ebile ba e inamela. Ba ile ba kheloha kapele tseleng eo baholo-holo ba bona ba ileng ba mamela litaelo tsa Jehova+ ba neng ba tsamaea ho eona. Ba ile ba hloleha ho mamela.

  • Baahloli 8:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Hang ha Gideone a qeta ho shoa, Baiseraele ba boela ba rapela* melimo ea Baale+ ’me ba khetha Baale-berithe hore e be molimo oa bona.+

  • 1 Marena 11:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ba ne ba tsoa lichabeng tseo Jehova a neng a itse ka tsona ho Baiseraele: “Le se ke la ikopanya le tsona ’me le tsona li se ke tsa ikopanya le lona* hobane li tla le susumeletsa* hore le sebeletse melimo ea tsona.”+ Empa Solomone o ne a ba rata haholo.

  • Nehemia 13:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Na ha se ka lebaka la bona Morena Solomone oa Iseraele a ileng a etsa sebe? Har’a lichaba tse ngata ho ne ho se na morena ea joaloka eena.+ O ne a ratoa ke Molimo oa hae,+ hoo Molimo a ileng a mo etsa morena oa Iseraele eohle. Empa basali bao e seng Baiseraele ba ile ba etsa hore le eena a etse sebe.+

  • Pesaleme 106:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ba rapela Baale oa Peore+

      ’Me ba ja mahlabelo a etselitsoeng bafu.*

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela