3Moshe ea e-ba molisa oa liphoofolo tsa Jethro+ moprista oa Midiane, eo Moshe e neng e le mokhoenyana oa hae. Ha a ntse a khannela liphoofolo ka bophirimela ho lefeella, qetellong a fihla Horebe thabeng ea Molimo oa ’nete.+
18 Sechaba sohle se ne se utloa lialuma le molumo oa lenaka ’me se bona lehalima le thaba e kubellang mosi. Ha sechaba se utloa se bile se bona lintho tsena, sa thothomela ’me sa emella holenyana.+
16 Khanya ea Jehova+ ea ’na ea lula holim’a Thaba ea Sinai+ ’me leru la e koahela ka matsatsi a tšeletseng. Ka letsatsi la bosupa a bitsa Moshe a le har’a leru.