-
Exoda 25:2-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 “Bolella sechaba sa Iseraele hore se ntlisetse monehelo o tsoang ho batho bohle bao lipelo tsa bona li ba susumelletsang hore ba mphe oona.+ 3 Ona ke monehelo oo le tla o amohela ho bona: khauta,+ silevera,+ koporo,+ 4 khoele e putsoa,* ulu e pherese,* lesela le lefubelu,* line ea boleng bo botle, boea ba poli, 5 matlalo a liramo a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu, matlalo a liqibi,* lifate tsa leoka,+ 6 oli bakeng sa mabone,+ balsame bakeng sa oli e halalelang*+ le libano tse nkhang hamonate+ 7 le majoe a onikse le majoe a mang a tla hlongoa holim’a efoda*+ le mokotlaneng oa sefuba.+
-