Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 6:23-27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 “Bolella Arone le bara ba hae u re, ‘Ena ke tsela eo le tla hlohonolofatsa+ sechaba sa Iseraele ka eona. Le re ho sona:

      24 “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa+ ’me a le sireletsa.

      25 E se eka Jehova a ka le bontša mosa*+ ’me a le hauhela.

      26 E se eka Jehova a ka le bontša mosa ’me a le fa khotso.”’+

      27 Ba bitse lebitso la ka sechabeng sa Iseraele+ e le hore nka ba hlohonolofatsa.”+

  • Deuteronoma 10:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ka nako eo, Jehova a khetha leloko la Levi+ hore le jare areka ea selekane sa Jehova+ hore le eme ka pel’a Jehova e le hore le mo sebeletse le ho hlohonolofatsa sechaba ka lebitso la hae+ joalokaha le etsa ho fihlela letsatsing lena.

  • Deuteronoma 21:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Baprista ba Balevi ba lokela ho ba teng hobane Jehova Molimo oa lona o khethile bona hore ba mo sebeletse+ le hore ba hlohonolofatse ka lebitso la Jehova.+ Ba tla bolela hore na liqabang tse akareletsang ntoa li rarolloe joang.+

  • 1 Likronike 23:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Bara ba Amrame e ne e le Arone+ le Moshe.+ Empa Arone o ile a khethoa+ hore a hloekise* Sehalalelisiso kamehla, eena le bara ba hae hore ba nyehele mahlabelo ka pel’a Jehova, ba mo sebeletse ’me ba phatlalatse litlhohonolofatso ka lebitso la hae kamehla.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela