-
Nehemia 8:7, 8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Jeshua, Bani, Sherebia,+ Jamine, Akube, Shabthai, Hodia, Maseia, Kelita, Azaria, Jozabade,+ Hanane le Pelaia bao e neng e le Balevi, ba ne ba hlalosetsa batho Molao+ ha batho ba ntse ba eme. 8 Ba tsoela pele ho bala Molao oa Molimo oa ’nete o bukeng ka lentsoe le phahameng, ba o hlalosa le ho hlakisa hore na o bolela’ng. Kahoo, ba thusa batho hore ba utloisise se neng se baloa.+
-