-
Levitike 5:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Haeba a sa khone ho fana ka maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli, a tlise lilithara tse ka bang peli*+ tsa phofo e sitsoeng hantle e le nyehelo ea hae ea sebe. A se ke a tšela oli ho eona kapa a beha libano tse tšoeu holim’a eona ka ha ke nyehelo ea sebe. 12 A e tlise ho moprista. Moprista a nke phofo e tlalang seatla e emelang nyehelo eohle* ’me a etse hore e kubelle aletareng holim’a linyehelo tsa Jehova tse chesoang ka mollo. Ke nyehelo ea sebe.
-
-
Levitike 6:14, 15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Ona ke molao oa nyehelo ea lijo:*+ Lona bara ba Arone le lokela ho e hlahisa ka pel’a Jehova ka pel’a aletare. 15 E mong oa bona a nke phofo e sitsoeng hantle, e tletseng seatla ea nyehelo ea lijo le oli e ’ngoe ea eona le libano tsohle tse tšoeu tse holim’a nyehelo ea lijo. A etse hore li kubelle holim’a aletare e le monko o monate* o emelang nyehelo eohle* ho Jehova.+
-