-
Baheberu 5:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Motho e mong le e mong ea khethoang hore e be moprista ea phahameng, o sebeletsa batho linthong tse amanang le borapeli ba bona ho Molimo+ e le hore a nyehele limpho le mahlabelo bakeng sa libe tsa bona.+ 2 O khona ho ba mosa* ho batho ba etsang liphoso hobane ba sa tsebe kaha le eena oa hopola hore o etsa liphoso. 3 Ka lebaka leo, o tlameha ho etsa linyehelo bakeng sa libe tsa hae joalokaha a etsa bakeng sa libe tsa sechaba.+
-