-
Exoda 30:34-36Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
34 Jehova a re ho Moshe: “Nka likarolo tse lekanang tsa litlolo tsena tse nkhang hamonate:+ marotholi a setakte, onika, galbaname e nkhang hamonate le libano tse tšoeu tse hloekileng. 35 U etse libano+ ka tsona. Motsoako oa linoko o kopanngoe ka bokhabane,* o nokoe ka letsoai,+ o hloeke o be o halalele. 36 U tule o mong oa oona hore e be phofo e sitsoeng hantle ’me o behe o mong oa oona ka pel’a Bopaki ka tabernakeleng,* moo ke tla itlhahisa ho uena teng. E be o halalelang ka ho fetisisa ho lona.
-
-
Tšenolo 8:3-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Lengeloi le leng la fihla, la ema aletareng le tšoere sejana sa libano sa khauta.+ La fuoa libano tse ngata+ e le hore le li nyehele aletareng ea khauta+ e neng e le ka pel’a terone ha lithapelo tsa bahalaleli bohle li ne li utluoa. 4 Mosi oa libano tseo lengeloi le neng le li chesitse oa nyolohela ho Molimo hammoho le lithapelo+ tsa bahalaleli. 5 Eaba lengeloi le nka sejana seo sa libano, la tšela a mang a mashala* a tsoang aletareng ka har’a sona ’me la se lahlela lefatšeng. Ha e-ba le lialuma, mahalima+ le tšisinyeho ea lefatše. Hape ka utloa le mantsoe.
-