Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baroma 3:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Molimo o ile a fana ka Jesu e le nyehelo+ e le hore re ka khutlela ho eena ka hore re bontše tumelo maling a Jesu.+ O entse joalo e le hore a bonahatse ho loka ha hae hobane a ne a bontša hore o na le mamello ka ho tšoarela libe tse entsoeng nakong e fetileng.

  • Baheberu 9:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 O kene sehalalelisisong ka mali a hae eseng a lipoli kapa a lipohoana.+ O kene moo hanngoe ebile e le la ho qetela ’me a re pholosa ka ho sa feleng.+

  • Baheberu 9:24, 25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Kreste ha aa ka a kena ka sehalalelisisong se entsoeng ke batho,+ seo e leng setšoantšo feela sa sehalalelisiso sa ’nete.+ O kene leholimong la sebele,+ moo a hlahang ka pel’a Molimo bakeng sa rona.+ 25 Ha aa ka a kena leholimong e le hore a iketse sehlabelo hangata joaloka moprista ea phahameng ha a kena ka sehalalelisisong selemo le selemo+ ka mali ao e seng a hae.

  • Baheberu 10:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Etsoe ho ke ke ha khoneha hore mali a lipoho le a lipoli a tlose libe.

  • Baheberu 10:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Empa Kreste eena o ile a nyehela sehlabelo se le seng e le hore a ka re lopolla sebeng ka ho sa feleng eaba o lula ka letsohong le letona la Molimo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela