45 Etsoe esita le Mor’a motho ha aa ka a tlela ho sebeletsoa empa o tletse ho sebeletsa+ le ho fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.”+
9 Empa re bona Jesu, ea neng a entsoe ea tlasana ho mangeloi+ empa a putsoa ka khanya le tlhompho hobane o ile a shoa.+ Ka lebaka la mosa* oa Molimo, o ile a shoela motho e mong le e mong.+
27 Ho fapana le baprista bane ba phahameng, Jesu eena ha a hloke ho etsa mahlabelo letsatsi le leng le le leng+ bakeng sa libe tsa hae le tsa batho ba bang.+ O entse joalo hanngoe ebile e le la ho qetela ha a ne a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo.+
7 Empa hanngoe ka selemo moprista ea phahameng o kena ka kamoreng ea bobeli a le mong,+ a nkile mali+ hore a a nyehele bakeng sa hae+ le bakeng sa libe tseo batho+ ba li entseng ba sa hlokomele.
12 O kene sehalalelisisong ka mali a hae eseng a lipoli kapa a lipohoana.+ O kene moo hanngoe ebile e le la ho qetela ’me a re pholosa ka ho sa feleng.+
5 Hape e se eka Jesu Kreste a ka le bontša mosa le ho le fa khotso. Ke “Paki e Tšepahalang,”+ “oa pele ho ba tsositsoeng bafung”+ le “’Musi oa marena a lefatše.”+
Jesu oa re rata+ hape o re lokolotse libeng tsa rona ka mali a hae,+