Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 16:34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Ena ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa lona+ e le ho etsetsa Baiseraele sehlabelo sa ho tšoareloa libe tsohle tsa bona hanngoe ka selemo.”+

      Kahoo, Arone a etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

  • Baheberu 9:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 O kene sehalalelisisong ka mali a hae eseng a lipoli kapa a lipohoana.+ O kene moo hanngoe ebile e le la ho qetela ’me a re pholosa ka ho sa feleng.+

  • Baheberu 9:24-26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Kreste ha aa ka a kena ka sehalalelisisong se entsoeng ke batho,+ seo e leng setšoantšo feela sa sehalalelisiso sa ’nete.+ O kene leholimong la sebele,+ moo a hlahang ka pel’a Molimo bakeng sa rona.+ 25 Ha aa ka a kena leholimong e le hore a iketse sehlabelo hangata joaloka moprista ea phahameng ha a kena ka sehalalelisisong selemo le selemo+ ka mali ao e seng a hae. 26 Ho seng joalo o ne a tla lokela ho utloa bohloko hangata ho tloha ha lefatše le boptjoa. Empa o itlhahisitse hanngoe ebile e le la ho qetela hona joale qetellong ea mehla ena* e le hore a tlose sebe ka sehlabelo sa hae.+

  • Baheberu 10:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ka “thato” eo ea Molimo,+ re halalelitsoe ka sehlabelo sa ’mele oa Jesu Kreste se nyehetsoeng hanngoe ebile e le la ho qetela.+

  • 1 Johanne 2:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Bana ba ka bao ke ba ratang, ke le ngolla lintho tsena hore le se ke la etsa sebe. Leha ho le joalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi* ea lokileng+ ea ho Ntate, e leng Jesu Kreste.+ 2 Ke sehlabelo+ se hlakolang libe tsa rona+ e le hore re ka boelana le Molimo, eseng libe tsa rona feela empa le tsa lefatše lohle.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela