-
Ruthe 4:4-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Kahoo, ke ile ka nahana hore ke lokela ho u tsebisa sena ka hore ke re ho uena: ‘Reka tšimo eo ka pel’a baahi le banna ba baholo ba batho ba heso.+ Haeba u tla e lopolla, etsa joalo. Empa haeba u ke ke oa e lopolla, mpolelle e le hore nka tseba kaha ke uena ea ka e lopollang ’me ’na kea u hlahlama.’” Eaba molopolli o re: “Ke ikemiselitse ho e lopolla.”+ 5 Boase a re: “Letsatsing leo ka lona u rekang tšimo ho Naomi, u boetse u lokela ho e reka ho Ruthe mohlolohali oa Momoabe e le hore lefa la monna ea shoeleng le ka khutlisetsoa lebitsong la hae.”+ 6 Eaba molopolli o re: “Ha ke khone ho itopollela eona hobane nka tloha ka senya lefa la ka. Itopollele eona ka tokelo ea ka ea ho lopolla kaha ha ke khone ho e lopolla.”
-