22 Lejoe lena leo ke le hlommeng e le sehopotso le tla fetoha ntlo ea hao Molimo+ oa ka ’me ke tla u fa karolo ea leshome ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u tla mpha eona.”
21 Ke file bara ba Levi karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome+ Iseraeleng e le lefa bakeng sa tšebeletso eo ba e etsang, e leng tšebeletso ea tente ea pokano.
26 “U re ho Balevi, ‘Baiseraele ba tla le fa karolo ea leshome eo ke le fileng eona bakeng sa lefa la lona+ ’me ho tsoa karolong eo ea leshome le lokela ho nehela karolo ea leshome e le monehelo ho Jehova.+
5 Ha Baiseraele ba utloa taelo eo, ba fana ka lihlahisoa tsa pele tse ngata e leng koro, veine e ncha, oli,+ mahe a linotši le lihlahisoa tsohle tsa masimong.+ Ba tlisa karolo ea leshome ea lintho tsohle ka bongata.+
10 Tlisang karolo eohle ea leshome* ka tlung ea polokelo+ e le hore ho be le lijo ka tlung ea ka.+ Ke kopa le nteke, le bone hore na nke ke ka le bulela likhoro tsa maholimo+ ke be ke le tšollele litlhohonolofatso ho fihlela le se le sa hloke letho,”+ ke Jehova oa mabotho ea chong.
42 Empa le malimabe lona Bafarisi hobane le fana ka karolo ea leshome ea koena, rue* le meroho e meng kaofela+ empa ha le etsise Molimo ka hore le be le lerato le toka. Le ne le tlameha ho etsa lintho tsena empa eseng hore le iphapanyetse lintho tse ling.+
5 Ke ’nete hore ho ea ka Molao, Balevi+ ba neng ba khethiloe hore e be baprista, ke bona ba neng ba laetsoe ho nka karolo ea leshome ho bana ba bo bona+ le hoja bana bao ba bo bona e ne e le litloholo tsa Abrahama.