-
Levitike 27:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Haeba a etsa boitlamo ba ho fana ka phoofolo e ka nyeheloang ho Jehova, phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe eo a e fang Jehova e tla ba ntho e halalelang. 10 A ke ke a fana ka e ’ngoe bakeng sa eona kapa a fapanyetsana ka eona ka e ntle bakeng sa e mpe kapa e mpe bakeng sa e ntle. Empa haeba a fapanyetsana ka phoofolo e ’ngoe joale liphoofolo tseo ka bobeli e tla ba tse halalelang.
-