Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 23:31-33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Ke tla beha moeli oa lona ho tloha Leoatleng le Lefubelu ho ea leoatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ea Nokeng*+ hobane ke tla etsa hore le hlole lichaba tseo ’me le tla li leleka ka pel’a lona.+ 32 Le se ke la etsa tumellano le tsona kapa le melimo ea tsona.+ 33 Ha baa lokela ho lula naheng ea lona e le hore ba se ke ba etsa hore le ntšiteloe. Haeba le sebeletsa melimo ea bona, lintho li ke ke tsa le tsamaela hantle.”*+

  • Deuteronoma 7:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Le se ke la etsa selekane leha e le sefe sa lenyalo* le lichaba tseo. Le se ke la fana ka barali ba lona hore ba nyaloe ke bara ba tsona kapa hore bara ba lona ba nyale barali ba tsona.+ 4 Kaha ba tla khelosa bana ba lona hore ba se ke ba ntatela ’me ba sebeletse melimo e meng,+ Jehova o tla le halefela haholo ’me o tla le felisa ka potlako.+

  • Joshua 23:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Empa haeba le ka furalla Molimo la khomarela lichaba tsena tse setseng+ le lona la ba la nyallana+ le tsona le ho itsoakanya le tsona, 13 le tsebe hore Jehova Molimo oa lona a ke ke a tsoela pele ho leleka lichaba tsena bakeng sa lona.+ Lichaba tsena e tla ba sefi le leraba le sephali se le otlang ka mahlakoreng+ ’me e be meutloa ka mahlong a lona ho fihlela le felisitsoe naheng ena e ntle eo Jehova Molimo oa lona a le fileng eona.

  • Baahloli 2:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Le lona le se ke la etsa selekane le baahi ba naha ena+ ’me le lihe lialetare tsa bona.’+ Empa ha lea mamela lentsoe la ka.+ Ke hobane’ng ha le entse tjee? 3 Ke ka lebaka leo ke ileng ka boela ka re, ‘Nke ke ka ba leleka ka pel’a lona,+ e tla ba leraba ho lona+ ’me le tla lekeha hore le rapele melimo ea bona.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela