-
Numere 7:6-9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Kahoo, Moshe a amohela likariki le lipoho tseo ’me a li fa Balevi. 7 O ile a fa bara ba Gershone likariki tse peli le lipoho tse ’nè, ho ea ka seo ba neng ba se hloka bakeng sa mosebetsi oa bona.+ 8 A fa bara ba Merari likariki tse ’nè le lipoho tse robeli ho ea ka seo ba neng ba se hloka bakeng sa mosebetsi oa bona ’me Ithamare mora oa moprista Arone e ne e le motsamaisi oa mosebetsi oa bona.+ 9 Empa ha aa ka a fa bara ba Kohathe letho hobane mosebetsi oa bona o ne o amana le tšebeletso ea sebaka se halalelang+ ’me ba ne ba jara lintho tse halalelang ka mahetla a bona.+
-